Mohalaledi Josemaria Escriva

20 juil. 2017 - tsa bophelo ba ka ho menyetla ya ho o rata le ho sebeletsa Kereke, Mopapa le Meya yohle, ka nya- kallo le boikokobetso, ke kgantshe ditsela ...
86KB taille 1 téléchargements 213 vues
Mohalaledi Josemaria Escriva Mothei wa Opus Dei

THAPELO Oho Modimo ka Moretswana Maria ya Lehlohonolo ka ho fetisisa, ka makgetlokgetlo o sitsitse mohlanka wa hao Mohalaledi Josemaria ka mohau, wa mo nka jwalo ka sesebedisuwa se tshepahalang ka ho fetisisa ho theha Opus Dei, tsela e isang kgalalelong ka ho etsa mosebetsi wa letsatsi le ditshwanelo tse tlwaelehileng tsa Mokreste. Ntshitse hore le nna ke ithute ho fetolela tsohle tse etsahalang tsa bophelo ba ka ho menyetla ya ho o rata le ho sebeletsa Kereke, Mopapa le Meya yohle, ka nyakallo le boikokobetso, ke kgantshe ditsela tsa lefatshe ka tumelo le lerato. Ka thapelo ya Mohalaledi Josemaria ke kopa o ntshitse ka molemo o ke o kopang (mona o etsa kopo ya hao.) Amen. Tápelo ya Morena, Ahe Maria, Kganya ebe ho Modimo Ntate.

Moo ditabatabelo tsa hao, mosebetsi wa hao le maikutlo a hao di leng teng, ke sebaka sa hao sa kamehla sa ho teana le Kreste. Ke hara ntho tsohle tsa lefatse moo re tlamehileng ho ikgetha, re sebeletse Modimo le batho bohle. Bara le baradi ba ka, ho bonahala e ka hole-hole lehodimo le lefatshe di a kopana. Empa, moo di kopanang teng e le ka nnete ke ka hara dipelo tsa lona ha le hlwekisa maphelo a lona a letsatsi le letsatsi. Thero ya Mohalaledi Josemaria Escriva ka Ho Rata Lefatshe ka Lerato le Leholo ka la 8 Mphalane 1967.

Mohalaledi Josemaria Escriva o hlahetse Barbastro, Spain ka la 9 Pherekong 1902. O ile a tlotsetswa boruti ka Saragossa la 28 Hlakubele 1925. Ka kgothaletso ya Modimo o ile a theha Opus Dei ka la 2 Mphalane 1928. O hlokahetse ka tshohanyetso ka la 26 Phupjane 1975 phaposing ya hae Rome moo a neng a sebetsa teng. Kamora ho boha ka lerato setshwantsho sa Molumahadi wa Rona ka. Ka nako eo, Opus Dei e ne e se e fetetse mafatsheng a mahlano e na le ditho tse fetang tse 60,000 tsa mehlobo e 80, di sebeletsa Kereke ka moya o le mong le kopano e tletseng le Mopapa le ba-Bishopo, e leng seo e neng e le sebopeho sa Mohalaledi Josemaria. Mopapa ya Halalelang John Paul wa Bobedi o ile a etsa Mothehi wa Opus Dei mona la ledi ka la 6 Mphalane 2002 Rome. Mokete wa hae o ketekwa ka la 26 Phuptjane. Setopo sa Mohalaledi Josemaria se bhomoditswe Kerekeng a kgolo-kgolo ya Molumahadi wa Rono wa Kgotso Viale Bruno Buozzi 75, Rome. Ditaba tse ding ka Mohalaledi Josemaria Escriva di ka fumana ho: www.opusdei.org.za le www.josemariaescriva.info. Ba fumaneng melemo ka thapelo ho Mohalaledi Josemaria Escriva ba koptjwa ho tsebisa Opus Dei Prelature, P.O. Box 3270, Houghton 2041, Afrika Borwa. Mohala: 011-646-9539 Email:[email protected] Ka tumello ya Kereke